What is Domestic Violence and where to get help

Domestic Violence (Sesotho)
TLHEKEFETSO KA MALAPENG KE TLOLO YA MOLAO

Tataiso e potlakileng e mabapi le Molao wa Ditlhekefetso ka Malapeng wa 116 ka 1998

Tlhekefetso ka Malapeng ke eng?
Mmuso o toboketsa ho fediswa ha ditlhekefetso ka malapeng. Mefuta ya ditlhekefetso tse atileng haholo ka malapeng setjhabeng sa rona ke e latelang:

  • Tlhekefetso mmeleng
  • Tlhekefetso ka motabo
  • Tlhekefetso maikutlong
  • Tlhekefetso ka mantswe
  • Tlhekefetso ya kelello
  • Tshoso
  • Tlhekefetso ya moruo
  • Tlhekatlheko
  • Ho senngwa ha thepa
  • Ho latella motho ka morao a sa o elellwe
  • Ho kena setsheng sa motho ntle le tumello ya hae
  • Boitshwaro bofe kapa bofe ba tlhekefetso

Matshwao a temoso

  • Ebe wena kapa e mong eo o mo tsebang o a hlekefetswa?
  • Na o tshaba molekane wa hao?
  • Na molekane wa hao o o thatafaletsa ho bona ba lelapa kapa metswalle?
  • Na molekane wa hao o kile a o tshosa kapa a sebedisa mantswe a hlabang kapa a ba a thubaka fanetjhara kapa dijana?
  • Na molekane wa hao o atisa ho o tlontlolla kapa a o hlekefetse ka mantswe mme a o bitse ka mabitso-bitso?
  • Na o bonahala o itshepa mosebetsing le pela metswalle ya hao empa o be letswalo la ho hlahisa maikutlo a hao ha molekane wa hao a le teng?
  • Na molekane wa hao o latola hore o a o hlekefetsa kapa o o beha molato wa hore ke wena o etsang hore a itshware kamoo a itshwereng kateng?

Ke hobaneng ha ba hlekefetswang ba sa tswe ka malapeng a bona?

  • Tshabo ya ho hloka tjhelete
  • Tshabo ya boiphetetso le tlhekefetso
  • Ho feto-fetoha ha boitshwaro – ya hlekefetsang o ba le tlhekefetso mme a boele hape a be le lerato le mosa
  • Tshabo ya ho lahlehelwa ke bana
  • Basadi ba batlileng botshabelo ba hloka ditjhelete mme ka hona ha ba na bokgoni ba ho phonyoha

Ke mang ya ka etsang kopo ya ho fumana taelo ya tshireletso?

  • Mang kapa mang ya hlekefeditsweng
  • Ngwana a ka etsa kopo le ha a sa thuswe ke motho
  • Motho ya o kgathallang
  • Mohlabolli
  • Mosebeletsi wa tsa bophelo bo botle
  • Lepolesa
  • Mosebeletsi wa Setjhaba
  • Titjhere kapa mosuwe

Kopo ya ho fumana taelo ya tshireletso e ka etswa kae?

Lekgotleng lefe kapa lefe la Makgistrata kapa kgotleng le Phahameng la dinyewe le haufi le moo:

  • O dulang, o nang le kgwebo kapa moo o sebetsang
  • Ya hlekefetsang a dulang, a nang le kgwebo kapa moo a sebetsang
  • Tlhekefetso e etsahetseng teng

Ebe kopo e ka etswa neng?

  • Dihoreng tse tlwaelehileng tsa lekgotla la dinyewe
  • Kamora dihora tse tlwaelehileng tsa lekgotla la dinyewe
  • Mafelong a beke kapa ka matsatsi a phomolo

Ha ho hlokehe hore mohlekefetsuwa a phela bakeng seo, a sebetse kapa hona hore a be le kgwebo sebakeng seo lekgotla le leng ho sona ka nako e itseng.

Ha taelo ya tshireletso e ntshitswe, e sebetsa ho phatlalla le naha.

Kopo ya ho fumana taelo ya tshireletso e ka etswa ho mang?

  • Ho tlelereke ya Lekgotla la Makgistrata kapa ho Morejistara wa Lekgotla le Phahameng la dinyewe
  • Tlelereke e tla fetisetsa kopo ya hao ho makgistrata ya tlang ho etsa tsebiso ho ya hlekefetsang ho mo tsebisa ka taelo ya tshireletso
  • Ya hlekefetsang o tla bolellwa ho itlhahisa kgotla ka letsatsi la nyewe
  • Tsebiso ya tshireletso e nehwa ya hlekefetsang ke sherifi ya lekgotla, lepolesa kapa tlelereke ya lekgotla

Mapolesa a na le matla afe dinyeweng tsa tlhekefetso ka malapeng?

  • A ho tshwara ya hlekefetsang sebakeng seo tlhekefetso e etsahetseng ho sona
  • A ho tshwara ya hlekefetsang ebang motho a hlahisa lengolo la tshwaro le la kano le kentseng qoso ya hore ya hlekefetsang o nyatsitse taelo ya tshireletso e tswang kgotleng la dinyewe

Mamelo

Ebang ya hlekefetsang a sa itlhahise lekgotleng ka letsatsi la mamelo, ho tla ntshuwa taelo ya tshwaro:

  • Ebang a itlhahisa, lekgotla le tla mamela bopaki ka bobedi. Ho ka nna ha bitswa le dipaki.
  • Ha makgistrata a se a mametse bopaki kaofela, o tla etsa qeto mabapi le hore a ntshe taelo ya tshireletso kapa tjhe, le hore a fanyehe lengolo la tshwaro.
  • Wena le seteishene seo o ikgethetseng sona le tla nehwa dipampiri tseo ho ngotsweng bopaki ho tsona

Mohlekefetsuwa o lokela ho etsang ha ya hlekefetsang a tlola taelo ya tshireletso ho tswa kgotleng la dinyewe?

  • E ka leba ho setho sefe kapa sefe sa mapolesa ka lengolo la tshwaro le fanyehilweng
  • aka qosa ya hlekefetsang
  • Ya hlekefetsang o tla tshwarwa kapa a nehwe tsebiso ya ho hlahella kgotla
  • Hang ha lengolo lena la tshwaro le se le sebedisitswe, kgutlela kgotla ho fumana le leng le tla o sireletsa ebang o ka hlekefetswa hape

Taelo ya tshireletso

Lekgotla le ka sebedisa taelo ya tshireletso ho thibela ya hlekefetsang hore:

  • A se etse ketso efe kapa efe ya tlhekefetso ka malapeng;
  • A se kgothaletse motho e mong ho etsa ketso e jwalo;
  • A se kene moo ho dulang mohlekefetsuwa: ka ntle le ha eba o nale tumello ya lekgotla ho kena moo, mme ho keneng moo hwa hae ho be molemong wa mohlekefetsuwa;
  • A se kene karolong e itseng ya bodulo ba mohlekefetsuwa kapa tulong eo mohlekefetsuwa a sebetsang ho yona;
  • A se thibele mohlekefetsuwa ho ba le tokoloho ya hoya mosebetsing kapa ho kgutlela hae ntlong eo ba e kopanetseng ya bodulo.

Nakong eo o etsang kopo ya taelo ya tshireletso, o ka:

  • Kopa mapolesa ho nka dithunya tsa ya hlekefetsang kapa dibetsa dife kapa dife tse kotsi le ho o neha mofelehetsi ho ya lata thepa ya hao;
  • Kopa ya hlekefetsang ho ntsha tjhelete ya dijo le ya ditjeho tse ding tsa ka lapeng;
  • Hana hore ya hlekefetsang a kopane le ngwana kapa bana ba lona bobedi
  • Kenyeletsa dipehelo tsa tlatsetso tse hlokehang ho o sireletsa le ho hlokomela hore o bolokehile, o phetse hantle

Taelo ya tshireletso e nka nako e kae?

  • Ho fihlela mohlekefetsuwa a fetola maikutlo a hae kapa a qhala kopo ya tshireletso
  • Ebang ya hlekefetsang a etsa boipiletso, taelo ya tshireletso entse e sebetsa ho fihlela e fediswa ke lekgotla la boipiletso

Ho tla etsahala eng ebang mohlekefetsuwa a sa kgone ho lefella taelo ya tshireletso hore e fetisetswe ho ya hlekefetsang?

Mohlekefetsuwa a ka etsa kopo ho tlelereke ya lekgotla la dinyewe ho fumantshwa thuso ya ditjhelete.

E hlophisitswe ke Lefapha la Polokeho ya Setjhaba, Tshireletseho le Bohokedi le kgathallang wena le ba lelapa la hao.

PO Box 119
Bloemfontein
9300
Mohala: 051 409 8849
Fekse: 051 409 8883
Imeile: info@safety.fs.gov.za

Ebang o hloka tshireletso hang-hang, kopa taelo ya tshireletso ya nakwana lekgotleng. Taelo ena e tla o neha tshireletso ya tshohanyetso ho fihlela letsatsi la mamelo.

Ebang mefuta ena ya tlhekefetso e etsahala ho wena kapa ho mang kapa mang eo o mo tsebang, o ka etsa kopo ya taelo ya tshireletso

Motho e mong le e mong o tshwanetswe ke monyetla wa ho hola mme a tshwarwe ka thlompho le seriti tlhompho le seriti

Lefapha la Polokeho ya Setjhaba, Tshireletseho le Bohokedi le Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa, ka kopanelo le Mmuso wa Flemish, Absa mmoho le European Union le ahile Diphaposi tsa Tshehetso ya Diphofu (VSRs) Diteisheneng tse mmalwa tsa Mapolesa ho phatlalla le Provense ya Freistata moo diphofu tsa dikgoka malapeng le tlhekefetso di ka fumanang tikoloho e bolokehileng le e ba hlokomelang ho ba thusa hore ba tshedisehe. O na le tokelo ya ho sebedisa dibaka tsena le tshebeletso e fumanehang mona. Etsa dipatlisiso seteisheneng se haufi sa mapolesa ha o batla thuso.

Ikopanye le:
Stop Abuse Against Women:
0800 150 150
Lefapha la Polokeho ya Setjhaba, Tshireletseho le Bohokedi:
Adv. Chemin Ontong: (051) 409 8797
Ho tlaleha dithoriso kapa ditletlebo kgahlano le Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa, letsetsa mohala wa mahala e leng:
0800 72 73 74

 

 

 

P.O. Box 119
Bloemfontein
9300

Tel: +27 (0)51 409 8849/50 Fax: +27 (0)51 409 8866